Bakhethoa ba puso ea libaka Quthing ba loantša HIV/AIDS

NAC > Events > Bakhethoa ba puso ea libaka Quthing ba loantša HIV/AIDS

Bakhethoa ba puso ea libaka Quthing ba loantša HIV/AIDS

Bakhethoa ba puso ea libaka Quthing ba loantša HIV/AIDS

Mofumahali Mary Matobo Mabohlokoa Moalosi

 

Engoe ea karolo ea sechaba e bonahala e se e lebetse ka tšoaetso ea HIV, empa e ntse e le teng ka hona sechaba se lokela ho ba hlokolosi.
Litaba tsena lihlaheletseng thupelong ea komiti ea Quthing e sebetsanang le litaba tsa thibelo le toantšo ea HIV le AIDS setereng seo.
Thupelo eo e neng e hlophisitsoe ke Komisi e hokahanyang litaba tsa HIV le AIDS ka hara naha (National AIDS Commission), etšehelitsoe ka lichelete ke mokhatlo oa lefatse oa kholo ea sechaba (UNFPA).
Thupelo e ne tšoeroe ho tloha ka la 31 Motšeanong ho fitlela ka la pele Phuptjane monongoaha.
Puisanong le mohlabolli e moholo oa litaba tsa HIV le TB Quthing (Senior HIV TB Counselor) mofumahali Mary Matobo Mabohlokoa Moalosi o itse ba sebetsa mmoho le mekhatlo e kenyeletsang Jhpiego, PSI le CHAL.
A re Jhpiego ka kotloloho e kena lelapa ka leng ka sepheo sa ho ntšetsapele thuto le litšebeletso tsa HIV le AIDS.
O supile hore mekhatlo ena ha e fihla seterekeng e itlaleha ho “Musi oa setereke (DA) le le botsamaisi ba puso ea libaka metseng (DC) e hlalose hore na ba tlo sebetsana le eng sechabeng ho loantša HIV le AIDS.
“Ka kotloloho mekhatlo e na e kenella ka hara metse ka kopanelo le bakhethoa ba puso ea sechaba.
A etsa mohala ka Jhpiego e kenang ntlo le ntlo. Empa pele ba etsa mosebetsi oa bona bakhethoa ba libaka ba ba hlalosetsa hore na ba ka rata ho sebetsa joang le bona ho latela litlhoko tsa sechaba seo ba se eteletseng pele.
Le ha ho le joalo mofumahali Moalosi o tobokelitse hore ba na le liqholotso tšebetsong ea bona le sechaba hobane Quthing ho na le lipuo tse kenyeletsang Sixhosa le Sephuthi, joale ha ngata basebeletsi ha ba tsebe lipuo tsena.
A re empa ho na le manese a phetse libakeng tseo nako e telele ka hona ba se ba tseba lipuo tseo ka hona ba thusa haholo.
Hape ba se ba tseba le meetlo le litloaelo tsa sechaba sa moo. Mohlala, batho bao ha ba lumele ho rupeloa ke mosali ea tenneng borikhoe, ha amohelehe hohang.
Marena le bakhethoa ba puso ea libaka a ba bolelle hore ha baea lipitsong ba lokela ho apara joang e le hore ba amohelehe.
Taba engoe ke hore ke phoso ho buoa ka thoabalano ka pela basali le banna.
Ka hona morupeli o tla lokela hore a buoe ka mekhoa e meng ea hore na tšoaetso ea HIV e tšoaetsanoa joang, ba ka qoba lintho lifeng.
Ea thoabalano e tla tla qetellong le hona ka mokhoa o kekeng ba utloa e hlohlontša litsebe.
Mofumahali Moalosi a hlaosa hore sebaka sa Dilidili sona se pela Afrika Boroa, moeli oa teng ke le Afrika Boroa noka, joale ha ba atlehe ho etsa tšalo morao hantle sebakeng sa batho ba belaeloang ba fumane tšoaetso.
A re ba lokela ho ea Bebeza (Afrika Boroa) ho baahisane ba bona ka sepheo sa ho fumana ba belaelloa ba tšoaetso ba tsebe ho ba thusa.
Ka hona e ba mosebetsi o thata hoo ba sitoang ho ba fumana ka linako tse ling.
Ho tloha moo Tsatsane teng ho fihleleha ka thata ho latela litsela tsa teng, joale e ba qholotso ho fihla sebakeng se joalo.
Ka hona ha ngata ba fella Ha Liphapang ba sitoa hoa fihla ha ngata Ha France ho latela bobe ba litsela le mekoliopo ea lithaba.
Haele mofumahali ‘Mantai Makhetha eo e leng mongoli oa puso ea libaka ea Tosing empa ofisi ea hae e le Sebapala moreneng, eena o supile hore ba sebetsana le libaka tse kenyeletsang Sebapala, Ha Nkuebe moreneng, Phothaphota, Tosing, Tsatsane le Ha Makoae.
A supa hore ba ikakhetse haholo litabeng tsa HIV le AIDS ba sebetsa mmoho le litsi tsa bophelo tse tharo e leng St. Gabriel, Tsatsane le Mount Morosi.
Ba sebetsa mmoho le Komisi (NAC) boemong ba puso ea libaka.
“Ho na le komiti ea setereke le li komitjana tsa HIV le AIDS ka hara puso ea libaka metseng”, ho hlalosa mofumahali Makhetha.
A re ba sebetsa le li lihlopha tsa tšehetso metseng (Spport groups) tseo tsona li tlalehang ho likomiti tsa puso ea libaka le basebeletsi ba bophelo metseng.
Mongoli oa puso ea libaka a re haeba ho na le tlhoko ea lithupelo le ho hlahloba batho ba sebetsa mmoho le litsi tse boletsoeng ho latela hore na ke sebaka sefeng.
Hape ba na le mekhatlo (CBO) eo ba sebetsang le eona joalo ka LENEPWHA, CHAL le emeng, ba ruta batho ka ho itlhatlhobela HIV le AIDS le ho khothaletsa bahlankana ho itlhokomela.
A toboketsa hore bahlankana bao ba rutoa ba le bang ho latela meetlo le litloaelo tsa libaka tseo.
A bontša hore batho ba fumanoeng ba na le tšoaetso ho na le manese a mahae a ba thusang ka linako tsohle le ho ba latela litlhare.
Batho ba nang le tšaetso ba entse mekhatlo eo ba latelanang litlhare, hape bakhethoa ba puso ea libaka le bona ba thusana ka makoloi a bona ho latela batho litlhare litsing tsa bophelo.
E le ho arabela qholotso ea meetlo le lipuo mekhatlo (CBO) e sebelisa batho ba libaka tse amehang, ba utloisisang puo ebile ba tseba meetlo ea libaka tseo.
‘Musi oa setereke sa Quthing mofumahali ‘Mapaseka Khesa – Masopha ha koala thupelo eo ea komiti ea setereke sa Quthing o lebohile Komisi ka ho fana ka malebela ho komiti ea setereke.
A re o ile a makala ha utloa hore ho ntse ho buoa ka HIV le AIDS hobane ha sa utloa ho buoa ka eona, empa ho shebiloe COVID 19 feela.
“Ha ke sa utloa ho buoa ka tšoaetso ea HIV joale ke maketse hore na ebe ho tla etsahala joang ka Basotho hobane litšoaetso tsona li ntse li le teng”, ho bolela mofumahlali Khesa-Masopha.
A leboha tšehetso ea lichelete ea mokhatlo oa lefatše (UNFPA) ka ho kenya letsoho koetlisong ena, haholo ha a tsebile hore Komisi (NAC) e sebetsa e se na letho ka mokotleng.
‘Musi oa setereke a totobatsa hore komiti e thaketsoe ka malebela a ho loantša tšoaetso ea HIV seterekeng sa habo.
A ipiletsa ho batho ba neng ba kenetse thupelo hore ha ba fihla libakeng tsa bona ba fitisetse litsebo tseo ba li fumaneng sechabeng.
“Re lokela ho thusa Basotho ba tsietsing ka boitelo bohle”, ho bolela ‘Musi oa setereke.
A qetela ka hore o tla sebetsa mmoho le komiti ea setereke. A leboha le mekhatlo eohle e kentseng letsoho thupelong ena.